LENANEO LA DIKAHARE
DIKANANELO
KAROLO YA PELE
Selelekela
KAROLO YA BOBEDI
Tseba Molao wa Hao, Ditokelo le Boikarabelo
KAROLO YA BORARO
Tseba Tataiso tsa Leano la Hao
Karolo ya Boraro e akaretsa tse latelang:
Karolo ya 2: Dintlha tse ka sehlohong tsa Bophelo bo Botle tse lokelang ho rarollwa.
Karolo ya 3: Mawa a akaretsang a tharollo
Karolo ya 4: Dibaka tsa bohlokwa moo mawa a akaretsang a ka sebediswang teng.
Karolo ya 5: Tlhokomelo le tlhahlobo ho lekanya katleho ya phethahatso ya mananeo a Bophelo bo Botle.
Karolo ya 6: Boikarabelo
LENANE LA MANTSWE
DIKGUTSUFATSO
LENANE LA MEHLODI
E SUPA MAREO A TLA HLALOSWA LENANENG LA MANTSWE
DIKANANELO
Bahlanka bohle ba Mafapha a Provense le a Naha a Bophelo bo Botle ka nyehelo ya bona nakong ya mosebesti wa ho ntshetsa pele tokomane ena.
Batjha kaofela ba ileng ba e ba le kabelo diwekshopong tsa diprovense mmee ba fana ka nyehelo moralong wa karolo e kgutsufaditsweng ya Tataiso ya Leano la Batjha le Bophelo bo Botle ba Batjha.
Mekgatlo eo eseng ya Mmuso kaofela boemong ba Provense le boemong ba Naha ha mmoho le Khomishene tsa Provense tsa Batjha e ileng ya fana ka nyehelo tse ileng tsa bopa tokomane ena.
KAROLO YA PELE
SELELEKELA
Tataiso tsa leano la Bophelo bo Botle ba batjha ke moralo wa tshebetso o amohetsweng ke Mmuso ka metheo le maemo a rarollang ntshetsopele e ntle le mathata a bophelo ba batjha. Tokomane ena ke karolo e kgutsufaditsweng ya tokomane ya mantlha ya leano e entsweng ka 2001.
Tataiso tsa leano di thusa mekgatlo, mafapha a Mmuso le ba etsang diqeto ba sebetsanang le batjha hore ba fane ka tshebeletso tsa mofuta o tla kgotsofatsa ditlhoko tsa batjha.
Tataiso tsena tsa leano di thehilwe hodima:
Lesedi le dintlha tsa boemo ba batjha ba Afrika Borwa.
Mehlala ya diphuputso tsa matjhaba le tsa selehae.
Kakaretso ya melao le melawana e sebetsang bophelong bo botle ba batjha le ntshetsopele ya bona.
Kakaretso ya mathata ao batjha ba tjamelaneng le ona Afrika Borwa le mekgwa ya ho sebetsana le mathata a seng a ile a tshwauwa.
Batjha ba bitswang ?di-adolescent? ba dipakeng tsa dilemo tse 10 ho isa ho tse 19, ha batjha ba bitswang ?youth? e le batho ba dilemo tse 15 ho isa ho tse 24 mme batjha ba bitswang ?young people? ba dipakeng tsa dilemo tse 10 ho isa ho tse 24.
HOBANENG MAIKUTLO A TSEPAMISITSWE BATJHENG (YOUTH)
Kajeno ho na le diphephetso tse ngata tse tobileng batjha Afrika Borwa. Nako ena ya boemo ba ?adoloscence? ke nako ya phetoho. Ena ke nako e monate le e nepahetseng ho batjha ba bang, empa ho ba bang ke nako ya pherekano, ya mathata le diphephetso. Tsena di kenyeletsa:
Mathata a maikutlo; diphetoho tsa maikutlo; tsitsipano ya maikutlo le maikutlo a sibathetseng.
Bothata ba ho fetoha moimana bo hodimo haholo, mathata a mahloko a kenang ka thobalano le monyetla wa ho tshwaetswa ke HIV le AIDS o matla haholo.
Ho ithuta ho tsuba, ho nwa tahi, le ho fetoha phofu ya dithethefatsi.
Ho fumana sebaka sa ho amana le tlolo tsa molao, kapa ho fetoha phofu ya tlolo ya molao (mohlala peto, diketso tsa dikgoka).
Phephetso ya ho inehela kgatello ya ho laolwa ke dithaka tsa hao.
Mathata a Bophelo bo Botle ka lebaka la ditlwaelo tsa ho se je hantle, kgaello ya boithapollo kapa tikoloho e hlokang Bophelo bo Botle.
Leano le reretswe ho hlalosa ka moo ho ka:
Rarollang le ho arabela ditlhoko tsa batjha (youth and adolescent) tsa Bophelo bo Botle ka mokgwa o loketseng
TATAISO YA LEANO
LA
Bophelo bo Botle ba Batjha
Tataiso tsena di entswe nakong ya mosebetsi wa dilemo tse pedi o neng o ama batjha ba tswang diprovenseng tse fapaneng. Mafapha a fapafapaneng a Mmuso, mekgatlo eo eseng ya mmuso le mekgatlo e thehilweng setjhabeng ekasitana le Khomishene tsa Naha tsa Batjha le tsa Provense le institjushene tsa thuto a ile a kenela wekshopo tsena tsa tataiso tsa leano. Mosebetsi wa ditherisano ka hoo o ile wa toboketsa bohlokwa ba seabo sa batjha boemong ba naha, ba provense le ba ditereke.
Ela hloko: Ntshetsopele ya Bophelo bo Botle e lokela ho kgothaletswa.
Basebetsi ba Bophelo bo Botle le ba profeshenale ba lokela ho tadima menyetla e teng ho kgothaletsa ntshetsopele ya Bophelo bo Botle ba batjha (youth and adolecent).
MELEMO YA HO PHETHAHATSA TATAISO TSA LEANO LA BOPHELO BO BOTLE BA BATJHA.
Bophelo bo Botle ba Batjha ke lenaneo le hlonngweng ka pele ho tsohle. Tataiso tse Ikgethang tsa leano la batjha, di fana ka tsela eo Lenaneo la Bophelo bo Botle ba batjha le lokelang ho phethiswa ka yona.
Tshebedisano e akaretsang mahlakore a mangata ya baamehi bohle ba loketseng, e a hlokeha bakeng sa mananeo a radilweng a ntshetsopele ya batjha e le ho qoba phetapheto kapa ditshebeletso tse kgaokgaohaneng dikoto. Mohlala, Mafapha a Bophelo bo Botle, Ntshetsopele ya Setjhaba, Mosebetsi le Thuto a tla netefatsa hore sepheo sa ntshetsopele ya Bophelo bo Botle ba batjha e a fihlellwa.
Tataiso tsena tsa leano di hlahisa ditsela tse fapafapaneng tsa ho ntlafatsa mananeo a Bophelo bo Botle ba batjha. Sena se bopa moralo wa tshebetso oo Mafapha a Bophelo bo Botle a diprovense a ka sebeletsang ho ona ho rala le ho aba mehlodi e tla kgotsofatsa ditlhoko tsa batjha. Tataiso tsa leano la diprovense di lokela hore di etswe hore di ananele maemo a ikgethang le a hlwauweng a Bophelo bo Botle, matla, bofokodi le menyetla ya batjha dibakeng tseo eleng tsa bona, empa sena se lokela ho sebetsa kahare ho moralo wa tshebetso wa tataiso tsa leano la Naha.
TSEBA MOLAO WA HAO, DITOKELO LE BOIKARABELO.
Batjha le batjha ba di ?adolescent? ba lokela ho tseba le ho utlwisisa ditokelo tsa bona le boikarabelo. Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho tletleba le ho tseka hore a tshwarwe hantle.
Karolo ena e buwa ka melawana e meng e loketseng, melao le mmoka e tshireletsang ditokelo tsa Bophelo bo Botle ba batjha.
Molao wa motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa wa 1996: ke tshiya ya moralo wa tshebetso wa molao. Molao wa motheo ke molao o phahameng ho feta kahare ho naha. Melawana yohle e lokela hore e matahanngwe le Molao wa motheo. Ke ntlha ya bohlokwa ho amohela ditokelo tsa batho bohle ho sa natswe dilemo, lebala, botjha kapa tumelo. Ditokelo tsa mantlha di lokela ho netefatswa hore di teng le hore ho nehelanwe ka tsona. Mona ho kenyeletswa tokelo ya dijo, thuto, tshireletso ya batho le monyetla wa ho finyella tlhokomelo ya bophelo.
Afrika Borwa ke e nngwe ya dinaha tse tjhaeletseng monwanwa Seboka sa Matjhaba a Kopaneng; Afrika Borwa ka hoo, e tlameha ho inyalanya le dipallo tsa Seboka tse tsamaelanang le Bophelo bo Botle ba batjha ha mmoho le ntshetsopele.
Meralo ya tshebetso ya molao, leano le ya selekane e latelang e hlaha lenaneng:
Seboka sa Matjhaba a Kopaneng mabapi le Ditokelo tsa Bana Afrika Borwa ke Lenaneo la Naha la Kgato ya Bana Afrika Borwa.
Tjhata ya Afrika ya Ditokelo le Thekolohelo ya Bana
Prothokholo ya Bophelo bo Botle Ntshetsopeleng ya Ditjhaba tsa Afrika e ka Borwa.
Pampiri e Tshweu (Tokomane ya Ditherisano) mabapi le Diphetoho tsa Mokgwa wa Bophelo bo Botle ho la Afrika Borwa.
Ka ho tlabola selekane le baamehi ba bang, Mafapha a Mmuso, mekgatlo e thehilweng setjhabeng, mekgatlo ya tumelo, mekgatlo eo eseng ya mmuso, ka meralo e kopantsweng ho kgonehile hore ho hlahiswe boitlamo bo mabapi le ditokelo tsa bana.
Mmuso o na le boikarabelo ba ho ntlafatsa thuso ya tsa bongaka e hlokehang le boemo ba bophelo ba bana le ba batjha ka ho ntshetsa pele maano a tla fana ka bokgoni bo jwalo le ho theha tikoloho tse fanang ka tshehetso.
Melao e hlahiswang tataisong tsa leano la Bophelo bo Botle ba batjha e shebana le dikarolo tse fapafapaneng tsa Bophelo bo Botle le polokeho ya bana le batjha.
Molao wa Bophelo bo Botle wa 1977, Molao wa nomoro ya 78 wa 1977: Molao ona o bonela pele nehelano ya tlhokomelo ya bophelo le bo bolokehileng mahlakoreng ohle a mmuso. Bili ya Naha ya Bophelo bo Botle jwale e nkela Molao ona sebaka.
Molao wa Tlhokomelo ya Bana wa 1983 (Molao wa Nomoro ya 74 wa 1983): Molao ona o etsa monyetla wa tumello ya tsa bongaka le ya sejeri, e etswang ke batho ba dilemo di 14 le 18 ka ho fapana.
Ela hloko: Ngwana ya dilemo di 14 a ka fana ka tumello ya ditlhoko tsa hae tsa tlhokomelo ya tsa bongaka, ntle le opereishene tsa sejeri. Le ha ho le jwalo, a ka fana ka tumello ya opereishene ya sejeri ya ngwana wa hae. Motho e mong le e mong ya ka tlase ho dilemo tse 18 o sa ntsane a hloka mohlokomedi wa hae kapa motswadi ho fana ka tumello lebitsong la hae bakeng sa opereishene ya sejeri.
Ha ho ka ba le maemo a tshohanyetso a motho ya ka tlase ho dilemo, ho na le pallo e ikgethang bakeng sa ditaba tsa bongaka kapa tsa sejeri, haeba ho ka hlokeha.
Molao wa Jwala wa 1989 (Molao wa Nomoro ya 27 wa 1989):
Molao o bontsha ka ho hlaka hore ke tlolo ya molao ho rekisetsa kapa ho fana ka jwalo ho motho e mong le e mong ya ka tlase ho dilemo tse 18. Ke tlolo ya malao hape ho hira motho ofe kapa ofe ya ka tlase ho dilemo tse 18 hore a rekise kapa a fane ka jwala.
Molao wa Kgetho ya Phediso ya Boimana wa 1996 (Molao wa Nomoro ya 92 wa 1996): Molao ona o etsa monyetla wa hore basadi ba dilemo dife kapa dife ba fumane ditshebeletso tsa phediso ya boimana, haeba di hlokeha. Le ha ho le jwalo, moimana ya ka tlase ho dilemo o eletswa ho rerisana le batswadi, mohlokomedi kapa ba lelapa la habo.
Ha ho hlokehe hore basadi ba rometsweng bakeng sa Kgetho ya Phediso ya Boimana ba ka tlase ho dilemo tse 18 ba fuwe tumello ke mang kapa mang.
Molao wa hore motho a thuswe ho kgina pelehi wa 1998 (Molao wa Nomoro ya 44 wa 1998): Ha ho motho ya thibetsweng hore a etswe hore a se kgone ho beleha (sterilization) haeba motho ya jwalo a kgona ho fana ka tumello mme ebile a le ka hodimo ho dilemo tse 18. Motho a ka etswa hore a seke a beleha haeba a le ka tlase ho 18 ka mabaka a latelang:
Haeba bophelo ba hae bo botle bo tla ba le mathata haeba ho sa etswe opereishene e jwalo.
Haeba motswadi, molekane, mohlokomedi kapa motho ya mo fang tlhokomelo a fana ka tumello ya hore ho etswe mehato e jwalo.
Haeba a na le bohloko bo matla ba kelello e sitisehileng kapa e sa sebetseng hantle, moifo wa ditsebi o fana ka tumello mme o dumela hore opereishene e jwalo e ka etswa.
Haeba ho se na mekgwa e bolokehileng ya thibelo ya pelehi ntle le tsela ena ya ho etsa hore a thibelwe hore a belehe.
Molao wa Merero ya Diskimi tsa Bongaka wa 1998 (Molao wa Nomoro ya 113 wa 1998): Molao o fana ka tokelo ya ho batla phekolo ya bongaka e ikemetseng ya mong?a morero wa thuso ya tsa phekolo ya bongaka. Le ha ho le jwalo, mong?a morero wa skimi sa thuso ya tsa bongaka, ha morao o tla tseba ka phekolo ya tsa bongaka eo ho nehelanwang ka yona ho mootlwa kapa baotlwa ba hae, ha akhaonte e romelwa ho mong?a morero wa skimit sena hore a e tadime.
Molao wa Dikgoka tsa Malapeng wa 1998 (Molao wa Nomoro ya 116 wa 1998): Molao ona o sireletsa diphofu tsa dikgoka tsa malapeng. Molli, e ka ba motho wa monna kapa wa mosadi kapa ngwana, a ka hlahlela qoso e kgahlano le motlodi wa molao. Dikgoka tsa malapeng di kenyeletsa tlhekefetso ya ho tetekwa, tlhekefetso ya thobalano, ya puo e mpe e sebediswang, tlhekefetso ya maikutlo, ya kelello le ya ditaba tsa moruo, ho kenyeletswa le ditshoso, tlhekatlheko le ho sala motho morao.
Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho etsa kopo ya taelo ya tshireletso ekasitana le ha motswadi a le siyo, mohlokomedi kapa motho e mong. Molao ona o qobella hore ho seke ha e ba le tshoso lapeng kapa lekgotleng.
Boikemisetso le ponelopele ya Lefapha la Bophelo bo Botle: Kahare ho Lefapha, ho na le Bolaodi: ba Bophelo bo Botle ba Bana le Batjha, bo arotsweng koto tse 3. Yuniti e le nngwe ho sena ke Bolaodi bo Bonyenyane ba Bophelo bo Botle ba batjha, bo ikarabellang mananeong a Bophelo bo Botle ba batjha.
Ponelepele ya Lefapha la Naha la Bophelo bo Botle: Ho netefatsa hore baahi bohle ba Afrika Borwa ba kgona ho fihlella tlhokomelo ya Bophelo bo Botle ba boleng bo botle.
Boikemisetso: Bo akaretsa sepheo sa ho ntlafatsa boemo ba bophelo bo qatsohileng ba batho bohle, ho kenyeletswa batjha ho la Afrika Borwa. Lefapha la Naha la Bophelo bo Botle (NdoH) le etseditswe ho etella pele le ho tataisa lehlakore la Bophelo bo Botle ka ntshetsopele ya Bophelo bo Botle le tlhokomelo. Hore tlhokomelo ya Bophelo bo Botle e sebetse hantle, ho sebediswa katamelo ya tlhokomelo ya mantlha ha ho fanwa ka tlhokomelo.
Leano la Naha la Batjha (NYP): Leano la Naha la Batjha ke moralo wa tshebetso o ntsheditsweng pele ke Khomishene ya Naha ya Batjha bakeng sa ntshetsopele hohle ho la Afrika. Tataiso tsa leano tsa batjha di lokela ho tsamaisana le Leano la Naha la Batjha.
Tataiso tsena tsa leano di tsepamisa maikutlo ho dihlopha tse robedi tse habilweng:
Basadi ba batjha.
Banna le basadi ba batjha ba hlokang mosebetsi.
Basadi le banna ba batjha ba metseng ya mahaeng.
Bomme ba batjha.
Batjha ba phelang le ho sebetsa diterateng.
Banna le basadi ba batjha ba nang le HIV le AIDS.
Basadi ba batjha le banna ba tjamelaneng le bothata ba mabaka a moruo le phedisano kapa ba boitshwaro bo ka nnang ba fana ka mathata.
Leano la Naha la Batjha le amohela tlhokeho ya hore ho rarollwe ditlhoko tsa Bophelo bo Botle ba batjha Afrika Borwa, ka mananeo a latelang:
Mohato wa Naha wa Batjha wa Bophelo bo Botle.
Lenaneo la Thuso ya Batjha ba Afrika Borwa.
Batjha ba fetohang baimana le taba ya ho kena sekolo.
KAROLO YA BORARO
KAROLWANA YA 1
Metheo ya tataiso e lokela hore e be yona tshimoloho ya mananeo a ntshetsopele a tlisang tharollo e akaretsang ebile a sa kgetholle. Mawa a tharollo a lokela hore a ntshetswe pele ho fokotsa diphephetso tseo batjha ba tjamelaneng le tsona. Ho na le tataiso tse tsheletseng tse lokelang ho nkelwa hlohong tse lebisang bophelong bo botle ba batjha.
Ntshetsopele ya batjha e lokela ho thehwa thibelong ya mathata a bophelo: Batjha ba lokela ho fuwa tshwaro e akaretsang; bokgoni ba bona bo nepahetseng le boitshwaro ke dintho tse lokelang hore di kgothaletswe, mme ho toboketswe tsela ya bona ya bophelo ka kakaretso.
Ntshetsopele ya Bophelo bo Botle le thibelo ya mahloko ke ntho tse lokelang ho kgothaletsa tswelopele ya Bophelo bo Botle ba batjha. Ho tshwanetse hore ho qalwe mananeo a Bophelo bo Botle ho rarolla mathata a bophelo pele a qala kapa a senya Bophelo bo Botle ba batjha.
Nako ya boemo ba kgolo ba ?adolescence? batjheng ke nako e fanang ka monyetla le tshepo, ke taba ya bohlokwa ho kgothaletsa ntshetsopele e nepahetseng ya botho ba motjha. Maikutlo a seke a tsepamiswa feela ditabeng tsa Bophelo bo Botle, empa a thehwe hodima dikarolo kaofela tsa bophelo ba motho e motjha. Mona ho kenyeletswa setjhaba, dikamano, boithapollo, sekolo, mosebetsi, tlolo tsa molao, le maemo a bofutsana. Batjha ba lokela ho hodiswa ka mokgwa o motle mme ho seke ha tadingwa feela mathata ao mohlomong ba thulanang le ona.
Lefapha la Naha la Bophelo bo Botle (NdoH) le na le dilekane le mekgatlo eo eseng ya mmuso le mekgatlo e thehilweng setjhabeng e fapafapaneng ka morero wa ho rarolla ditlhoko tsa Bophelo bo Botle tsa batjha.
Mohlala, mananeo a mahlale a bophediso a bophelo a bopang bokgoni ba batjha ho ba thusa ho ba le boitshepo le ho ba le bokgoni ba ho kena ka tsela e nang le moelelo tikolohong tse bolokehileng le tse nang le tshehetso tse kgothaletsang dikamano tse nepahetseng tsa batjha le batho ba baholo.
Mathata a na le motso o tshwanang mme a na le kamano:
Mathata a batjha a Bophelo bo Botle a atisa ho iketsa senkgome, boitshwaro bo le bong bo nang le mathata bo baka bo bong bo etsang mathata le bona. Boitshwaro bo fapaneng bo na le disosa tse tshwanang tse hohelang boitshwaro bo bong bo nang le mathata hape.
Boitshwaro bo ka tlisang mathata ke bo jwang? Ke ketso e nkuwang ntle le hore motjha a amohele boikarabelo, mme bo tswala ditholwana tse babang bophelong bo botle ba motjha ya jwalo.
Bekeng e nngwe le e nngwe ho tlalehwa diketsahalo tsa boitshwaro bo fupereng mathata dikoranteng tsa selehae, mohlala, tshebediso ya dithethefatsi, diketsahalo tsa dikgoka bathong ba batjha. Ho hloka thabo le ho hloka ntho eo o ka e etsang ke dintho tse ka kgannelang tshebedisong ya dithethefatsi ka morero wa ho qoba ho tshwarwa ke bodutu. Tlhokeho ya tjhelete ya ho reka dithethefatsi e ka etsa hore batjha ba wele molekong wa boitshwaro ba tlolo ya molao. Basadi ba batjha ba kenang thobalanong ntle le tshireletso hore ba fumane tjhelete ka lebaka la bofutsana, ba ka fetoha baimana kapa ba iphumana ba na le tshwaetso tsa mahloko a thobalano kapa tshwaetso ya HIV.
Botjha bo boetse bo mabela hobane ke nakong ena moo ba batlang ho tseba dintho tse fapaneng. Batjha ba batla boikemelo le ho ithuta lefatshe. Batho ba bangata ba batjha ba tla leka dithethefatsi, thobalano, tahi le ho tsuba sakarete (kwae); ka dinako tse ding lebaka ke hobane ba thabile haholo kapa ba na le kgatello ya dithaka tsa bona. Batjha ba pepesehile haholo hoo ba sitwang ho nahana kamehla ka ditholwana kapa hoo ba sitwang ho lemoha dikotsi tse fuperweng ke diketso tseo.
Batjha ba hloka tataiso ka tsela e nepahetseng, ba lokela hore ba kgothaletswe ho phela hantle ka ho ba kena dipapading tsa boikgathollo le mananeong a mang a ntshetsopele. Ha motjha a hloka seo a ka itlosang boduto ka sona le kgaello ya boikgathollo ke tsona ntho tse atisang ho ba etsa hore ba be le boitshwaro bo ka nnang ba ba tlisetsa mathata bo tshwanang le ba ho tlola molao, thobalano e hlokang tshireletso, ho nwa le ntho tse ding tse jwalo.
Botjha le boemo ba ?adolescence? ke nako ya monyetla le mathata:
Ke nako eo motjha le batjha ba boemongba kgolo ?adolescents? ba holang mmeleng, bothong ba bona le maikutlong. Mmele ya bona e se e loketse ho ka beleha bana. Ba kgona ho theha dikamano kantle ho dikamano tsa bona le ba lelapa. Ba iketsetsa diqeto tseo eleng tsa bona le dikgetho tse tla bopa bokamoso ba bona.
Batho ba bang ba ileng ba qala ho tsuba ba sa ntsane ba le dilemong tse tlase ba qetella ba tshwerwe ke khensa ya matshwafo hamorao bophelong ba bona. Mafu a tlang pele ho nako ka dinako tse ding a bakwa ke boitsharo bo hlokang boikarabelo.
Mohlala: Batjha ba ipolaisang tahi haholo ba atisa ho lesa sekolo, ba hloka mosebetsi mme ba qetella e le matahwa a mahlena.
Tikoloho ya moo motho a phelang teng e na le tshwaetso boitshwarong:
Batjha ba inyalanya le tikoloho ya bona ya bophelo. Tikoloho eo ba leng ho yona e bopa menahano ya bona le boitshwaro ba bona. Mmino, moaparo, tsela ya bophelo ke dintho tseo ba di bonang le ho thulana le tsona hobane di ba potapotile.
Batho bao ba amanang le bona ba bopa boitshwaro ba bona.
Batjha ba kajeno le batjha ba dilomong tsa kgolo ?adolescent? ba sutumetswa ke diphetoho tse potlakileng tsa tikoloho ya bophelo le botjhaba. Nako ena ya phetoho le yona e ba beha boemong ba thulano e kgolo moo makgabane a mehleng ya kgale a felang. Botjhaba ba hona jwale ba batjha le se neng se etsahala qalehong ya dilemo tsa bo 1970 ha bo tshwane ka lebaka la pepeseho le tshwaetso ya mekgwa ya phepelo ya ditaba e mengata. Haeba batjha ba le ditjhabeng tseo ho tsona makgabane a phedisano a sa nkellweng hlohong, ba hola jwalo mme e be batho ba baholo ba sa natseng makgabane a bophelo bo nepahetseng.
Mohlala: maqulwana a dinokwane (gangsterism) ditjhabeng tse ding ke ntho e atileng haholo hobane batjha dibakeng tseo ba nahana hore ke tsela ya bophelo.
Batjha kaofela ha ba pepesehela tsena ka ho tshwana:
Ho na le ditlhoko tse ikgethang bakeng sa dihlotshwana tse fapafapaneng; ka hoo ho hlokeha ditharollo tse ikgethang ho rarolla mathata a bona a Bophelo bo Botle.
Batjha ba nang le phephetso mmeleng le kapa kelellong ba ntse ba tjamelane le mathata a tshwanang le ana ho sa natswe kgolofalo ya bona. Ba tjamelane le taba ya ho tehelwa ka thoko le ho se kenyeletswe dinthong tse etswang ke setjhaba. Kgolofalo di bakwa ke diketso tsa dikgoka, tsela tsa bophelo bo seng botle, ntwa, bofutsana, mathata a meriana, mabaka a tikoloho, ha mmoho le kgolofalo tse bakwang ke lefutso.
Batjha ba holofetseng ba thulana le ditlwaelo tsa sekgalekgale, boinyatso le ho jariswa sekgobo. Tlhokomelo ya Bophelo bo Botle e sa phethahalang e feteletsa boemo ba ho kula kapa ba kgolofalo. Boholo ba nako batho bana ba holofetseng ba siuwa ba le bang, ha ba na tlhokomelo e ntle mme ba pepeseha hape tlhekefetsong le tshwarong e bohlaswa. Ba dula ba hloka malapa bophelo ba bona bohle, ka mabaka a fapafapaneng, mohlala, bofutsana, tlhekefetso le diketso tsa dikgoka.
Batjha bana ba hloka dijo, sebaka sa bodulo le thuto, kapa menyetla ya ho itlhatswa hantle le dibaka tsa boithusetso.
Mona ho kenyeletswa batjha ba:
hlokang malapa holofetseng mmeleng le kelellong nang le tshwaetso le ba anngweng ke HIV le AIDS
eleng bajaki bao eseng ba molao dikgutsana batjha ba hlokang balekane ebile e le bomme.
Hlekefeditsweng: thobalanong, mmeleng, le maikutlong.
Dihlola tsa hwebang.
Bana ba entsweng basebetsi.
Batjha ba phelang ba e na le AIDS: Tlhokeho ya tikoloho e loketseng, bodulo bo loketseng le phepo. Ke ntho ya bohlokwa haholo hore ho be le phekolo e tliswang ka nako ya ditshwaetso tse atisang ho ba teng. Tshehetso le tlhokomelo. Ho robalana ka mokgwa o bolokehileng.
Dihlopha tse ding tse nang le monyetla wa ho fumana mathata ke tse phelang bodulong bo kopanetsweng, batjha ba tlolang molao, bajaki bao eseng ba molao, dikgutsana, ba hlekefeditsweng, bana ba lahluweng, bomme ba hlokang balekane, dihlola tse hwebang le batjha ba phelang ba e na le AIDS. Dihlopha tsena tse nyenyane kaofela tsa batjha di dula di le tlokotsing ebile di le mohaung wa batho ba sa holofalang. Bana ba tswang malapeng a futsanehileng haholo ba tlokotsing ena le bona. Hangata ba dula ba le mohaung wa bao ba nang le hona.
Batjha ba welang dihlopheng tsena ba dula ba tehelwa ka thoko ho ya pele ha menyetla e hlaha. Boholo ba nako batjha ba holofetseng ha ba kgone ho sebedisa ditshebeletso le menyetla eo batho ba bang ba kgonang ho e fihlella.
Mathata a bong: Bong bo abelwa batho ho latela boemo ba hore ke banna kapa basadi. Ho na le ditlwaelo tsa hore banna kapa basadi ba lokela ho etsa mesebetsi e itseng feela. Setjhaba se laolwang ke banna se nyenyefatsa basadi. Ditlwaelo tsa setjhaba tsa hore basadi ba boemong bo ka tlase ho boemo ba banna, phedisanong, le ho latela ditsela tsa sekgalekgale le botjhaba.
Banana ba batjha hangata ba hanelwa ka menyetla e tshwanang le ya thuto; ba ka nna ba e ba le boikarabalo bo bongata ba lelapa ho feta ba bashanyana. Kgaello ya mehlodi ya moruo le ya matlafatso ya basadi e ka kgannela basadi tlhekefetsong ya thobalano le tshebediso e fosahetseng. Ho feta mona, banana ba tlangwa ho kena thobalanong, mme hamorao ke ngwananyana enwa ya lokelang ho jara boikarabelo bo boholo ba boimana a sa ntsane a le motjha. Ditokelo tsa thobalano le tsona ke tsa bohlokwa, ho dumella banana tokelo ya ho kena puisanong tsa tshebediso ya khondomo. Kgatello ya bothaka e kgannela boitshwarong bo ka tlisang mathata a tshwanang le ho kena mokgoping wa dihlopha, tshebediso ya dithethefatsi le ditlolo tsa molao.
Ditebello tsa setjhaba di kgothaletsa dikamano tsa balekane ba bangata ho bontsha bonna. Ho boetse ho na le ditlwaelo tsa botjhaba tse amanang le bong ka ho ikgetha le tse kgethollang le ho nyenyefatsa batho. Ke taba ya bohlokwa hore mananeo le batho ba etsang maano ba kgothaletse ditjhaba hore di lahle ditlwaelo tsa botjhaba tse kotsi mme ba boloke ditlwaelo tsa bohlokwa le tse bolokehileng tsa botjhaba. Mananeo a Bophelo bo Botle ba Batjha a lokela ho matlafatsa banana hore ba kgone ho itshepa le ho sebetsana le mathata a amanang le bophelo ba bona bo botle ba thobalano le ho beleha.
Mohlala mona ke hore basadi ba lokela ho fuwa tshwaro e nang le seriti le e ba hlomphang, mme dineo le bokgoni ba bona di amohelwe.
KAROLO YA 2
TSE LOKELANG HO BEHWA KA PELE BOPHELONG BO BOTLE
Tse lokelang ho behwa ka pele bophelong bo botle ke dintho tse lokelang hore di rarollwe ka tsela e kopantsweng le e batsi. Ho na le mathata a mangata a Bophelo bo Botle, a ka bang le tshwaetso bathong ba dilemo kaofela. Ho feta mona, ho na le mathata a itseng a Bophelo bo Botle, a amang batho ba dihlopheng tsa dilemo tse ding ho feta ba bang, batho ba baholo ba tshwarwa ke mahloko a kang ?arthiritis?; ha batho ba dilemong tse mahareng kapa ho feta moo ba kgathatswa ke mokokotlo ho feta. Ka mokgwa o tshwanang, ho na le mathata a tshwaetsang batjha ho feta. Ho hlokometswe dibaka tse robedi e le tsona tse lokelang ho behellwa ka pele bophelong bo botle ba batjha. Moralo wa tshebetso wa leano o na le karolo, e sebetsanang le mawa a tharollo. (Tadima leqephe la 32). Mathata a tsepamisitswe, mme tokomane e bontsha hore ho tlile jwang le hore ke hobaneng ha dibaka tsena e le tsa bohlokwa tseo maikutlo a lokelang hore a tsepamiswe ho tsona ntlheng ya batjha.
Dikarolo tsena tse lokelang ho behellwe ka pelepele tsa Bophelo bo Botle di a ikgetha diprovenseng tse fapaneng ka hoo di hloka tharollo e ikgethang ya provense.
Bophelo bo Botle ba thobalano le ho beleha
Dipatlisiso di hlahisa hore bashanyana ba bangata le banana ba ile ba qala tsa thobalano bohareng ba botjha ba bona. Batjha ba bangata ba thulana le ditaba tsa thobalano ka ho hahatlellwa hore ba etse jwalo. Banana ba bang ba ileng ba kena thobalanong ba sa le banyenyane ba ile ba hahatlellwa ho etsa jwalo ke bashanyana kapa ka tsela e nngwe. Banana ba bang ba banyenyane ba qobellwa ke maemo a bofutsana hore ba fumane tjhelete ka phapanyetsano ya thobalano.
Tshusumetso ya kgaello ya tsebo ditabeng tsa Bophelo bo Botle ba thobalano le peleho (SRH)
Phediso ya boimana.
Ditshwaetso tse tlang ka mokgwa wa thobalano, ho kenyeletswa le tshwaetso ya HIV.
Ke taba ya bohlokwa hore ditshebeletso tsa Bophelo bo Botle di fane ka thuso ditlhokong tsa Bophelo bo Botle ba batjha. Ditshebeletso tsa Bophelo bo Botle tse fapaneng di kentswe tshebetsong ho netefatsa hore ditshebeletso di a fumaneha le hore di a fihleleha bakeng sa tshusumetso ya kgaello ya tsebo ditabeng tsa Bophelo bo Botle ba thobalano le peleho (SRH) ka morero wa ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba batjha.
Leano le kenyeletsa lesedi la tswelopele ho tsa thobalano, ditaba tsa bong, boikgethelo ba thibelo ya pelehi, tshebeletso tsa phediso ya boimana, boimana ba batjha le mathata a tsamaisanang le boikarabelo boo. Ho toboketswa ka tsela e ikgethileng thibelo ya HIV le tshwaetso tse tlang ka tsela ya thobalano, ho diehisa taba ya ho kena thobalanong ka sepeo sa ho fokotsa mahloko a tlang ka tsela ya thobalano, tshwaetso ya HIV le boimana ba batjha dipakeng tsa batjha ba dilemo di 14 ho isa ho tse 24. Tsebo, boitshwaro le tjhadimo tsa batjha di tlisa tshwaetso e itseng mokgweng oo ba bonang tshusumetso ya kgaello ya tsebo ditabeng tsa Bophelo bo Botle ba thobalano le peleho (SRH).
Boemo ba Kelello
Ditshebeletso tsa Bophelo bo Botle ha di na mehlodi e phethahetseng e ka hlokomelang mathata a Bophelo bo Botle ba kelello bathong ba batjha.
Bophelo bo Botle ba kelello ke bo bong ba mathata a Bophelo bo Botle a behilweng ka sehlohlolong ho feta bathong ba batjha.
Mathata a Bophelo bo Botle ba kello bathong ba batjha a bakwa ke mabaka a fapafapaneng, mohlala mona, ke bofuma bona bo aparetseng bohle le mathata a tshitiseho ya lelapa. Tshithabelo ya maikutlo le batjha ba ipolayang ke mathata a kelello maholo bophelong, mme ke a bobedi a hodimo haholo a bakang lefu la batjha ka morao ho dikotsi.
Dintlha tse ding tse ka bakelang batjha mathata a hore kelello tsa bona di seke tsa tsitsa hantle a rarollwa tataisong tsa leano. Le ha ho le jwalo, ditlhoko tsa Bophelo bo Botle kelellong tsa batjha di lokela hore di rarollwe ho fokotsa tshusumetso e mpe ya bohloko ba kelello boemong ba phedisano le moruo le bophelong bo botle ba batho batjha.
Boemong ba setereke batjha ba na le ditshebeletso tse haellang haholo tsa Bophelo bo Botle bakeng sa kelello. Ke diprovense tse tsheletseng feela tse nang le ditshebeletso tsa tshehetso, mme batho ba bangata haholo ba batjha ha ba kgone ho finyella ditshebeletsong tsena, haholo dibakeng tsa mahaeng le dibakeng tse behileng ka mosing.
Ka lebaka la kgaello ya mekgatlo ya boemedi eo o ka fetisetswang ho yona, ditshebeletso tsa bopelo bo botle bakeng sa kelello di kgaotswe dikotokoto, mme tsebo e teng ke e shaitsang haholo ho ka sebetsana le ditaba tsa Bophelo bo Botle ba kelello boemong ba tlhokomelo ya Bophelo bo Botle ba mantlha.
Tshusumetso ya mathata a kelello a Bophelo bo Botle
Sephetho sa mathata a kelello a Bophelo bo Botle se kenyeletsa:
Katleho e fokolang ya thuto kapa ho tswa sekolong.
Tshitiso tsa malapa.
Haeba mathata ana a sa phekolwa hantle bathong ba batjha, mathata ana a ja setsi boholong.
Mathata a maholo a moruo (lapeng le setjhabeng).
Ketso tsa dikgoka le tlhekefetso
Ha ho buuwa ka diketso tsena di bitswa hore ke kotsi tsa ka boomo. Dipatlisiso tse ding di bontsha hore diketso tsa dikgoka ke ntho tse etsahalang haholo bophelong ba batho ba bangata ba batjha ba Afrika Borwa.
Ketso tsa dikgoka ke tsona tse bakang ditlokotsi le mafu a batjha. Batjha ba batona ba pepesehile bothateng ba dikgoka tsa mmele ha batjha ba batshehadi bona ba pepesehile ho tlhekefetso tsa thobalano.
Teteko kapa ditlhaselo ke sesosa se seholo sa lefu la batjha ba batho ba batsho le ba makhalatha ba dipakeng tsa 15 le 19. Dipatlisiso tse ding di bontsha hore batjha ba pepeseha haholo diketsong tsa dikgoka.
Disosa tsa dikgoka di ka bonwa ho latela mahlakore a mararo: phofu, moemedi le tikoloho:
Mabaka a amanang le phofu a kenyeletsa dilemo tsa kgolo, bong, matla a mmele, boinyatso, kgatello ya bothaka, mahlale a fokolang a ho buisana, tshebediso e fosahetseng ya dithethefatsi le kgaello ya tsebo.
Mabaka a amanang le moemedi a kenyeletsa ho fumaneha ha bonolo ha dibetsa tse kang dithipa le dithunya.
Mabaka a tikoloho a kenyeletsa ho se dumellane ka ditaba tsa dipolotiki, diqabang le tlhokeho ya botsitso; kgethollo ya bong le ya bomorabe; ditaba; sepolesa se sa lekanang kapa se sa sebetseng hantle; kgaello ya taolo ya dihlomo, maemo a setjhaba a sa jeseng ditheohelang a tswanang le tlhokeho ya mosebetsi, basebetsi ba bajaki le ntwa.
Tshusumetso ya diketso tsa dikgoka
Dikgoka le ditlolo tsa molao tse pepesang dikgoka di na le tshusumetso bophelong bo botle ba mmele le kelello tsa batjha.
Diketso tsa dikgoka di tswala dikgoka ? Di ka qala bothata bo sa feleng ba dikgoka setjhabeng kapa malapeng dipakeng tsa dihlopha (mohlala, dikgoka tsa mokgopi wa sehlopha sa batjha), kapa ho tloha molokong o mong ho isa ho o hlahlamang.
Diphofu tsa dikgoka hangata di ba le bothata ba tshabo ka morao. Ntho ena e bitswa bothata ba ho sithabela ha maikutlo bo bang teng ka lebaka la tshabo e matla, ho makala, ho iphumana o hloka matla, tshabo e etsahalang ditorong le ho hloka botsitso ha mmoho le ho sitiseha borokong, ekasitana le ho inyatsa.
Dikotsi tseo eseng tsa ka boomo
Sena ke se seng sa disosa tse kgolo tsa lefu le tlokotsi hara batjha naheng ena ka bophara.
Dikotsi tsa mebileng ke sesosa se seholo sa mafu a batjha ba dipakeng tsa 10 le 14 mona Afrika Borwa.
Boitshwaro bo nang le bothata: tahi, dithethefatsi (cannabis), ho bontsha sebete, jwalo jwalo
Mehlala e meng e matla haholo; tjhefu, ho tjha le mathata a lebollo.
Tshebediso ya dithethefatsi
Mona ho bolelwa dithethefatsi, tshebediso e fosahetseng ya tahi, ho tsuba le tshwaetso tsa teng. Tshebediso ya dithethefatsi (illicit drugs) eleng cannabis, mandrax le cocaine ke ntho tse eketsehang ka lebaka la pepeseho ya Afrika Borwa tabeng ya tsamaiso ya dithethefatsi matjhabeng.
Batjha ba pepesehile hore ba tshwaswe ke tshwaetso e fosahetseng ya tshebediso ya dithethefatsi. Ba na le bothata ba boitshwaro ba hoba makgoba a dintho tsena hamorao bophelong ba bona. Dithethefatsi tse bobebe tse jwalo ka cannabis di ka etsa hore motho a qetelle a sebedisa tse thata, tse fetolang batho makgoba ho feta. Batjha ba atisa ho sebedisa tahi le kwae hampe.
Palo ya tshebediso e fosahetseng ya dithethefatsi e hodimo ho feta batjheng ba batona mme e phahama le dilemo kapa kgato tsa sekolo.
Tshusumetso tsa tshebediso e fosahetseng ya dithethefatsi
Ka kakaretso sena se bonahala haholo boholong. Batjha ba pepesehile haholo tshusumetsong ya nakwana e kgutshwanyane hobane ba:
Na le mamello e fokolang ho feta ka lebaka la mmele o monyenyane.
Na le kgaello ya boitsebelo ba tshwaetso ya dithethefatsi.
E ba le matla a boitaolo a nyehlileng (thobalano e sa bolokehang ka lebaka la ho hloka bokgoni ba beha meedi kapa ho hloka tsebo ya hore ba robalane le mang)
Pepesehile tshwaetsong ya mahloko a tlang ka lebaka la thobalano le HIV.
Kotsing ya lefu ka lebaka la dikotsi tsa mebileng le ditlhaselo.
Fetisa meedi ya tekano ya tshebediso ya dithethefatsi, ho batla ho ipolaya le ho sebetsa hampe sekolong kapa ho tswa sekolong.
Kena tshebetsong ya ho hasanya dithethefatsi.
Pepesehela tshwaetso ya HIV ka lebaka la tshebediso ya nale e ?ileng ya sebediswa?.
Susumetseha hore ba tsube, ba sebedise tahi ka mokgwa o fosahetseng ka nako e telele, le ho ho hloka bokgoni ba ho tshwarella mosebetsing, tshebediso ya dikgoka, jwalo jwalo.
Kena thobalanong e tshehetsang ditlwaelo tsa bokgoba ba dithethefatsi.
Phepo
Phepo e fosahetseng e ile ya fuputswa haholo mme e phahame haholo baneng ba Afrika Borwa. Ha se dipatlisiso tse ngata tse ileng tsa etswa ho batjha. Phepo e fosahetseng e na le nyehelo bophelong bo seng botle le mafung ho feta lebaka lefe kapa lefe le leng. Bana ba sa fepehang hantle, ba haellwang ke dijo tsa phepo tse fapafapaneng, ka tlwaelo ha ba hole hantle. Phepo e fosahetseng e na le mathata a itseng kgolong ya batjha. Sena se etsahala ka lebaka la bofutsana, kgaello ya dijo tse ntjha tse nang le Bophelo bo Botle. Ha o ja tswekere e ngata, dijo tse sitsweng haholo, mafura a mangata le dijo tse sa nepahalang, o tla ba le phepo e fosahetseng.
Ho ja ho jwalo ho ka etsa hore o none le hore ha morao ha ngwana a hola a tshwarwe ke mahloko a sa foleng ka lebaka la tsela ya bophelo, mohlala, lefu la pelo, lefu la tswekere le mahloko a mang a amanang le pelo le methapo e tsamaisang madi.
Kgaello ya tshepe le foliate mmeleng ke bothata bo tlwaelehileng bathong ba batjha dihlopheng tsa merabe kaofela ho la Afrika Borwa.
Phepo e fosahetseng le kgaello ya disele tse kgubedu mading (anaemia) di tlisa bothata nakong ya boimana le mafu nakong ya ho pepa.
Kgaello ya disele tse kgubedu mading e amana le boima bo tlase nakong eo lesea le belehwang ka yona le ho baka hore lesea le belehwa pele ho nako ya lona bathong ba batjha.
Masea a belehwang a na le boima bo tlase
Kgolo e sitisehileng.
Monono.
Mahloko a tsela ya bophelo: Lefu la pelo, lefu la tswekere le mahloko a amanang le pelo ha mmoho le methapo e tsamaisang madi.
Mahloko a bang teng nakong ya boimana.
Mahloko ao lesea le tswalwang le ona a amanang le dijini
Maemo a tlwaelehileng ke bosofe le tshwaetso ya bophelo le kelello, tshebediso e kotsi ya tahi le thuto bananeng ba batjha. Ho akanywa hore motho a le mong ho ba 40 ba tswalwa ba na le kgolofalo e itseng, mme kgolofalong tse leshome ho tsona kgolofalo e le nngwe e amana le dijini.
Tshusumetso ya kgaello ya thuto ya mantlha ya Bophelo bo Botle e mabapi le dijini le tlhokomelo
Kgaello ya keletso ka dijini le tlhokomelo e hlokehang pele lesea le belehwa e ka thusang thibelong; kgaello ya thuto mabapi le ho kgona ho phela ka mathata a itseng a dijini.
Ho beleswa ho phaellang ho mohlokomedi; kgaello ya tshebeletso tsa thekolohelo kapa tsa phedisano di tswela pele ho kgothaletsa sedikadikwe sa bofuma ho tswela pele.
Bosofe bo ka ba le tshusumetso hore motjha a kgone ho tswakana le dithaka tsa hae.
Ho latela dikganano tse matla tse ngata tse bang teng ka lebaka la kgolofalo e teng.
Matshwao a tswelang pele a ka nna a kgathatsana le le tswelopele ya motho e motjha.
Down Syndrome? le mathata a tsamaelanang le yona e ka nna ya tlisa tshusumetso ya hore motjha a kgone ho tswakana le batho ba bang ba phelang le yena.
Kgolofalo tsa masapo a mokokotlo (neural tube defects) le bohloko ba tshenyeho ya mesifa (mascular dystrophy) ke dintho tse ka etsang hore motho a sitwe ho tsamaya; dihlahala le madi a sa kgoneng ho iketsa mahlwele ke ntho tse ka sitisang mesebetsi ya mmele.
Tlhokomelo ya Bophelo bo Botle ba Lehano
Tlhokomelo ya Bophelo bo Botle ba lehano Afrika Borwa mona e a fokola.
Mabaka a qosang tlhokomelo ya Bophelo bo Botle ba lehano a kenyeletsa kgaello ya metsi a ?fluoridated water?, kgaello ya tsebo le temoso ya bohlokwa ba tlhokomelo e ntle ya lehano, ditshebeletso tse sa fihleleheng kapa tlhokomelo ya Bophelo bo Botle ba lehano e sa kgoneheng, ha mmoho le ditshebeletso tsa tlhokomelo ya Bophelo bo Botle ba lehano tse sa jalehang ka ho lekaneng, ho hloleha ho kopanya mananeo a tlhokomelo ya Bophelo bo Botle ba lehano hore e be karolo ya tlhokomelo ya mantlha ya Bophelo bo Botle, kgaello ya mehlodi dibakeng tsa mahaeng.
Mahloko a lehano (dental caries) a tlwaehile ho baahi bohle ba Afrika Borwa. A bakwa ke ditlhoko tse sa kgotsofatswang tsa kalafo bathong ba Batsho le Makhalatha ka lebaka la ditshebeletso tse sa fihleleheng kapa tlhokomelo ya Bophelo bo Botle ba lehano e sa kgoneheng, ha mmoho le ditshebeletso tsa tlhokomelo ya Bophelo bo Botle ba lehano tse sa jalehang ka ho lekaneng.
Tshusumetso ya tlhokomelo ya Bophelo bo Botle ba lehano e fokolang
Tlhokomelo ya Bophelo bo Botle ba lehano e fokolang e tlisa ho opelwa, ho haella ke ho ja eleng ntho e ka bakang phepo e fokolang le sekgobo seo o se jariswang ke batho bao o phedisanang le bona ka lebaka la moya o nkgang hampe le tjhebahalo e mpe.
Dintlha tse lokelang ho nkelwa hlohong ho feta.
Bophelo bo Botle ba thobalano ya peleho
Batjha
Bophelo bo Botle
Bophelo bo Botle ba basadi
Nomoro ya bao o ka ikopanyang le bona.
Bophelo bo Botle ba Kelello
Dikgoka le Tlhekefetso
Dikotsi tsa ka boomo le tseo eseng tsa ka boomo
Dithethefatsi
Bophelo bo Botle le
Dithethefatsi
Ntlha ya sehloho ya Bong
Phepo
Dijini
Phepo
Dijini tsa Batho
Bophelo bo Botle ba Lehano
Bophelo bo Botle ba Lehano
Karolo ya 3
MEKGWA YA THAROLLO KA KAKARETSO
Karolo ena e kenyeletsa mehato e laeletswang, eo mekgatlo le batho ba ka e nkang ho sebetsana le mathata a hlahisitsweng lenaneong ka hodimo.
Mawa a lokela hore a nkelle hlohong dihlotswana tse nyenyane kaofela. Dihlotswana tse nyenyane tse ileng tsa tehelwa ka thoko mme tsa hloka ho nkellwa hlohong di lokela hore di behellwe ka pelepele ha ho phethahatswa menaneo ana a Bophelo bo Botle. Ba etsang maano le bahokanyi ba lenaneo ba lokela hore buelle ka matla batjha ba maemong a ikgethang.
Kgothaletso ya tikoloho e bolokehileng le ya tshehetso
Batjha ba na le dikamano le malapa, batho ba bang ba baholo kantle le ho ba malapa a bona le metswalle ya bona. Hape ke ntlha e amanang le ho theha sebaka se bolokehileng moo batjha ba ka ithapollang teng. Ditabatabelo tsa setjhaba le ditlwaelo tsa botjhaba di na le tshusumetso e otlolohileng bophelong bo botle ba batjha. Boraditaba ka kakaretso le bona ba na le seabo sa bohlokwa haholo hore ba ka phatlalatsa lesedi lena le hlokolosi. Ke ntho ya bohlokwa hore setjhabeng menyetla le mehlodi e teng e finyellwe ke bohle.
Tikoloho e tla be e bolokehile ebile e na le tshehetso haeba ditlhoko tse latelang le mehlodi di etseditswe monyetla:
Ho fumaneha ha menyetla ya thuto e tla tlisa bokamoso bo ntlafetseng ba batjha
Ho fumaneha ho bonolo le ho hasanngwa ha dikhondomo.
Mokgwa wa ho finyella tlhokomelo ya Bophelo bo Botle e kgonehang le ya boleng dibakeng tsa Bophelo bo Botle tse buletsweng setjhaba sohle.
Ho fumaneha ha menyetla e anetseng ya dipapadi le boithapollo bakeng sa setjhaba.
Phethahatso ya maano ho kenyeleditswe le molao o amanang le Bophelo bo Botle ba batjha.
Ho fana ka tsebo
Ho fana ka tsebo ka tsehebediso ya thuto ya Bophelo bo Botle kapa matsholo a temoso a mabapi le ditaba tsa kgothaletso ya ntshetsopele ya batjha, ke taba e ka tlisang thuso.
Ho fumana lesedi le loketseng ho thusa motho hore a etse kgetho e bontshang kutlwisiso le ho fihlela diqeto tse nepahetseng. Dibaka tsa Bophelo bo Botle di lokela hore di be boemong ba ho fana ka tsebo bathong ba batjha nakong eo ba e hlokang ka yona. Ho tshwanetse hore ho be le thepa e fanang ka tsebo, ya kgokahano le ya thuto (IEC) ka dibopeho tsohle hore batjha ba kgone ho di lekola ha ho hlokeha.
Ke ntlha ya bohlokwa hore ho fumanehe tsebo le thepa ya Thuto e fanang ka tsebo le Kgokahano (IEC) e amanang le dintlha tse latelang:
Kgolo le tshwelopele ya bana le batjha
Ditlhoko tse amanang le bong le ditebello tsa bong.
O ka itshireletsa jwang nakong eo o hlaselwang ka yona.
Dibaka tse ikgethang tsa Bophelo bo Botle tse tshwanang le tsa Bophelo bo Botle mabapi le ditaba tsa thobalano le peleho, ha mmoho le ditokelo le boikarabelo.
Ditsela tsa bophelo tsa Bophelo bo Botle le ntshetsopele ya batjha. Menyetla le ditshebeletso tse teng tse amanang le Bophelo bo Botle le lesedi ka kakaretso.
Kaho ya mahlale a boiphediso
Mahlale a boiphediso bophelong a bolela ditsela tsa ho kgona ho phela ka tsela e nepahetseng tse etsang hore motho a tsebe ho thulana le mathata a letsatsi le leng le leng bophelong.
Mona ho kenyeletswa mokgwa wa ho etsa qeto, ho rarolla bothata le puisano e matla e sebetsang.
Kaho ya mahlale a boiphediso ke e nngwe ya dithuto tse robedi mananeong a thuto ya sekolong.
Mekgatlo eo eseng ya mmuso le yona e amana le ho hlahlella batjha ka tsebo le bokgoni hore ba fumane matla a ho ba batho ba kgonang ho ikemela.
Keletso
Thuso ena ya keletso e ka etswa ke motho wa profeshenale, moeletsi ya nang le mangolo, titjhere, mosebetsi wa tsa Bophelo bo Botle kapa moetapele wa bodumedi kapa moeletsi ya rupeletsweng
Ho tshehetsa baeletsi ba se nang mangolo ho a hlokeha ho ba thusa hore ba kgone ho tswela pele ka mosebetsi.
Baeletsi bao eleng dithaka le batjha le bona ke ba bohlokwa hobane ba kgona ho buisana le dithaka tsa bona ka tsela e atlehileng ho feta.
Keletso e lokela hore e tsepamise maikutlo ho dintho tse pedi eleng bothata ka bo bona le ka moo ho ka sebetsanwang le maemo a jwalo nakong e tlang.
Keletso e a hlokeha ho thusa batho ho sebetsana le maemo a ho ameha maikutlong haholo. Setjhaba se ka sebedisa ditshebeletso tse teng tseo ho fanwang ka tsona bakeng sa tshehetso ya ho thoba maikutlo nakong ya maemo a tshohanyetso, tse tshwanang le ho sebedisa baholo ba kereke, basebetsi ba thekolohelo le baeletsi ba rupeletsweng ba hlokang mangolo.
Ho fihlella ditshebeletso tsa Bophelo bo Botle
Tshebeletso di ka fihlelwa ka ho fana ka keletso le lesedi, ho boloka tjhadimo e nepahetseng e le hore batjha ba ikutlwe ba lokolohile ho ka sebedisa ditshebeletso tsena.
Ho sebetsa le mahlakore a mang ho ntlafatsa boleng ba tlhokomelo ya Bophelo bo Botle dibakeng tsa Bophelo bo Botle tse buletsweng bohle bakeng sa batjha.
Ho fana ka tshebeletso tse ikgethang tse etseditsweng batjha kantle ho dibaka tsa Bophelo bo Botle.
Ditshebeletso tsa Bophelo bo Botle di lokela hore di fihlelehe mme di fumanehe ho ka rarolla ditlhoko tsa Bophelo bo Botle tsa batjha
Ka ho rupela le ho etsa hore basebetsi ba Bophelo bo Botle ba alafe batjha ka seriti le tlhompho.
Moifo wa basebetsi ba rupetsweng o keke wa qobella ditabatabelo tsa wona ho batjha, empa o tla ba dumella sebaka sa ho buwa jwalo ka batho ba baholo.
KAROLO YA 4
DIBAKA TSA BOHLOKWA
Karolo ena e totobatsa dibaka tsa bohlokwa moo mekgwa ya ho rarolla mathata a batjha e ka etsahalang teng, le moo batjha ba ka fumanwang teng. Ke taba ya bohlokwa ho rarolla mathata a Bophelo bo Botle a batjha ho latela tlhoko le boemo boo ba iphumanang ba le ho bona.
Ditsela tsa tharollo di ka sebetsa ka katleho haeba di rarolla bothata ba Bophelo bo Botle ba batjha ka hohle. Setjhaba se lokela ho:
Tseba ka meralo e hopoletsweng ho ntlafatsa tshebediso ya ditshebeletso tsa Bophelo bo Botle.
Thuswa ho netefatsa hore ba tseba seo ba se etsang le hore ba se etsa jwang, mohlala, mererong ya diprojekte tse amanang le batjha.
Ikutlwa e ka ke balekane ha ba kene mesebetsing e amanang le bophelo ba bona.
Mehlala ke ena ya mofuta wa dibaka, ditshebeletso le mesebetsi e hlokehang bakeng sa ntshetsopele ya batjha:
Lapeng
Sena ke sebaka se loketseng ho feta, moo dikamano tsa batho le kgokahano e simollang teng.
Lapeng ke ntlheng ya pele ya moo batho ba phedisanang teng.
Batswadi ba hloka ho hlomela ka tsebo le mahlale a ho buisana le batjha ba bona ka bophelo le Bophelo bo Botle ba bona.
Kgokahano e ntle ho ba lelapa ke ya bohlokwa haholo.
Mekgatlo e lokela ho thusa ka ho nehelana ka dithuto tsa botswadi bo atlehileng setjhabeng.
Batho ba baholo le batswadi ba hloka ho kgothaletswa ho ya dithutong tsena.
Sekolong
Sebakeng sa sekolo ho na le monyetla wa ho finyella palo e kgolo ya batjha.
Batjha ba qeta nako ya bona e ngata sekolong.
Ho fapana le dibakeng tsa Bophelo bo Botle, ho na le monyetla wa ho fana ka dithuto bathong ba batjha kgafetsa.
Thuto ya dithaka ka dithaka ke ya bohlokwa hobane e fana ka sebaka ho batjha ho ruta batho ba bang ba batjha sekolong le kantle ho sekolo.
Barupedi bao eleng dithaka ke batjha ba rupetsweng mme ba fuwa mahlale a boiphediso a bophelo mme ba lebeletswe hore ba fetisetse tsebo eo ho batho ba bang ba batjha.
Barupedi bao eleng dithaka ba thaothwa jwalo ka baithaopi, ho fihlelwa batjha ba bangata nakong eo ho rutwang mahlale a boiphediso a bophelo dikolong.
Dibaka tsa Menyetla ya Bophelo bo Botle
Dibaka tse buletsweng setjhaba kaofela tse nehelanang ka menyetla ya thuso ya Bophelo bo Botle di lokela hore di etswe hore di fumanehe le ho fihlelwa ha bonolo ke batjha.
Basebetsi ba tsa Bophelo bo Botle ba lokela ho rupellwa ho kgona ho sebedisana le batjha ka tsela ya setswalle, ho ba thusa ho nehelana ka tlhokomelo ya Bophelo bo Botle ka mokgwa o sa diheng kahlolo.
Lefapha la Naha la Bophelo bo Botle la ka selekane sa bona le NAFCI le tshwarahane le mosebetsi wa ho kena matsapeng a Letsholo la Tliliniki e nang le Setswalle Bathong ba batjha (Adolescent Friendly Clinic Initiative) dibakeng tse buletsweng bohle tsa Bophelo bo Botle hore di amohelehe le ho fihleleha ha bonolo bathong ba batjha.
Batjha ba hloka ho kgothaletswa ho kopa thuso le keletso ho sa natswe hore ba kula kapa ha ba kule.
Ditshebeletso tsa Bophelo bo Botle di lokela ho sebetsana le batjha ka mokgwa wa setswalle hore batjha ba tle ba kgone ho sebedisa ditshebeletso tsena.
Ka dinako tse ding batjha ba fumaneha sebakeng sa mosebetsi, mme ba thulana le diketsahalo tse mpe (mohlala, dikotsi tse tshabehang mosebetsing le ho jewa mmetwana kapa ho sebetswa ka tsela e fosahetseng) le diketsahalo tse nepahetseng (ho phahamisetswa boemong bo hodimo mosebetsing) nakong eo ba leng mosebetsing wa diindastri tse kgolo. Batho a batjha ba lokela hore ba be le thuto e loketseng, mahlale a bophediso le thupelo hore ba kgone ho fumana mosebetsi.
Ho tshwanetse hore ho be le mananeo mosebetsing a netefatsang hore ho na le Bophelo bo Botle le polokeho ya batho batjha jwalo ka basebetsi.
Mahlokore a tshebetso ya setjhaba le ya praevete ka bobedi ba ona a lokela ho kgothaletswa ho fana ka monyetla bathong ba batjha hore ba kgone ho ithuta le ho fumana boitsebelo ba mosebetsi.
Ba lokela hore ba fuwe monyetla wa thupelo ya tjhoriso mosebetsing hore ba ntshetse pele mahlale a hlokehang a tla etsa hore ba kgone ho fumana mesebetsi.
Sebaka sa mosebetsi ke sebaka sa bohlokwa sa thuto e mabapi le ditaba tsa Bophelo bo Botle bathong ba batjha.
Diterateng
Ho tshwanetse hore ho be le mekgwa ya tharollo e etsetswang ho fihlella batjha kaofela ka ho ikgetha, haholo ba pepesehileng ho feta le ho ba tsietseng ya hore ba ka hlekefetswa.
Mona ho kenyeletswa batjha ba hlokang moo ba dulang teng, ba phelang diterateng, batjha ba fumanang tjhelete ka ho hweba ka thobalano, ditlolo tsa molao le tse ding tse jwalo.
Ba bang ba itshwara ke mokgwa o ka ba tlisetsang mathata moo ba lateletseng ho fumana tjhelete.
Batjha ba fumanehang diterateng ba pepesehile le ho ba tlokotsing ya maemo a fapafapaneng a dikotsi. Nakong eo ba nang le mathata a Bophelo bo Botle ha ba batle thuso ya tsa Bophelo bo Botle mme hangata ha ba tsotellwe ho fihlela phiri e se e jele.
Bophelo ba batho bana ba batjha bo boima hobane ha ba na dibaka tse hlokehang tse ka ba thusang ka tsa Bophelo bo Botle.
Ho sebetsana le mathata a amang batjha ba phelang diterateng ho boima mme ho hloka tshebedisano ha mmoho le dihlopha tsa kereke, Mekgatlo eo eseng ya mmuso, le mafapha a fapaneng a Mmuso a tshwanang le Mafapha a Bophelo bo Botle le la Ntshetsopele ya Setjhaba.
Mekgatlo ya thehilweng setjhabeng le mekgatlo ya tumelo
Mekgatlo ena e na le seabo sa bohlokwa ho latela ntshetsopele ya tumelo le boitshwaro ba batjha.
Mekgatlo e thehilweng setjhabeng le Mekgatlo eo eseng ya Mmuso e fumaneha bathong, e kgona ho etsa mosebetsi o moholo ho thusa batjha hore ba iphamamise ka bo bona le ho phahamisa setjhaba sa habo bona.
E ka thusa le ka matlafatso ya ditabatabelo tsa lelapa, ho fana ka mahlale a bophelo a boiphediso le ho fana ka mananeo a mang a ntshetsopele ya batjha.
Dibaka tsa bodulo
Ntshetsopele ya Bophelo bo Botle e lokela ho etsahala dibakeng kaofela moo batjha ba phelang teng kapa moo ba fumanehang teng ka dihlopha. Ka nako e nngwe tsena ke dihlopha tse pepesehileng tsa batjha ba hlokang moo ba ka lebang teng.
Ditsha tsa moo ho kwallwang bana teng le mahae a bana ke mehlala e meng ya moo batjha ba bang ba fumanehang teng ka hobane ba hohlana le molao kapa ba hloka moo ba dulang teng.
Ba lokela ho tshehetswa maikutlong, mmeleng le dikelellong, mme ba fuwe le thuto ha mmoho le mahlale a bophelo a boiphediso a tla ba dumella ho tswela pele ka mokgwa o motle.
KAROLO YA 5
TLHOKOMELO LE HLAHLOBO YA MANANEO A BOPHELO BO BOTLE BA BATJHA
Mananeo a Bophelo bo Botle a lokela ho hlokomelwa le ho hlahlojwa ho netefatsa hore a kgotsofatsa ditlhoko tsa batjha le hore batjha ba sebedisa ditshebeletso tseo ka moo ho loketseng ka teng.
Ho tshwanetse hore ho be le ditsela tsa ho lekanya boleng ba ditshebeletso tsa Bophelo bo Botle le ho netefatsa hore basebedise ba kgotsofetse ke seo ba se fuwang ha ba etetse ditshebeletso tsena tsa Bophelo bo Botle.
Batjha ba hloka ho kena le ho amana ka tsela ya sebele tlhokomelong le tlhatlhobong ya tse etsahalang dibakeng tsena.
Mabokose a ditlhahiso a lokela ho behwa ditliniking moo basebedise ba kgonang ho hlahisa maikutlo mabapi le boleng ba tlhokomelo ya Bophelo bo Botle teng.
Ho tshwanetse hore ho be le mokgwa wa ho arabela dillo tsa basebedise ba ditshebeletso tsena.
Ho tshwanetse hore ho be le mokgwa wa hore basebedise ba hlahise dingongoreho dibakeng tsena tsa Bophelo bo Botle.
KGAOLO YA 6
BOIKARABELO
Karolo ya qetelo e hlwatswa sebae ka letoto la boikarabelo boo mafapha a Mmuso a nang le bona ho netefatsa hore tataiso tseo ho fanwang ka tsona di a sebediswa. Boikarabelo ke bona bo latelang:
Dibaka tsa Bophelo bo Botle di lokela ho sebedisa tataiso tsa leano bakeng sa Bophelo bo Botle ba batjha.
Batsamaisi ba setereke kaofela ba Bophelo bo Botle ba lokela ho etsa bonnete ba hore basebetsi ba Bophelo bo Botle ba tseba dikahare tsa tataiso ya leano la Bophelo bo Botle ba batjha.
Mafapha a Diprovense a Bophelo bo Botle a lokela ho etsa tataiso tsa wona tsa leano le kgemang le boemo ba bona, ho latela moralo wa tataiso ya leano la naha.
Ditokelo tsa batjha tsa ditaba tsa thobalano di lokela ho hlomphuwa le ho amohelwa ke dibaka tsa Bophelo bo Botle tsa diprovense kaofela ho latela thupelo ya tjhoriso mosebetsing mabapi le tataiso tsa leano bakeng sa bophelo ba batjha.
Bolaodi: ba Bophelo bo Botle ba Bana le Batjha bo na le boikarabelo ba ho tshehetsa, ho hasanya le ho qhalanya tataiso ya leano diprovenseng tsohle.
Bolaodi: ba Bophelo bo Botle ba Bana le Batjha bo na le boikarabelo ba ho ntshetsa pele dibukana tsa tlhaloso tsa thupelo tse nang le setswalle batjheng tse hlalosang ka moo ditshebeletso di ka ntlafatswang ka teng hore di amohelehe bathong ba batjha.
Ho tshwanetse hore ho be le tlhokomelo le tlhatlhobo ya phethahatso ya leano le boleng ba ditshebeletso tsa Bophelo bo Botle tseo ho fanwang ka tsona.
LENANE LA MANTSWE
Tlhekefetso : tshwaro ya bokgopo kapa dikgoka
Motjha: Motho ya holang ho tloha bongwaneng ho leba boholong
Boitshwaro: Tsela eo motho a arabelang ka yona boemong bo itseng
Bokgoni: seo motho a tsebang kapa a kgonang ho se etsa kapa ho se hlahisa
Ditherisano: dipuisano tsa ho fana ka tsebo kapa keletso
Tshebedisano: ho tshwarisana ho sebetsa morerong o itseng
Molao wa Motheo: ditshiya kapa metheo e tsamaisang mokgatlo
Senkgome: ho bokana ha mmoho/ ho iketsa kgokanyana phiri
Kgolofalo: boemo bo etsang hore motho a sitwe ho etsa dintho tse itseng
Tikoloho: maemo a o potapotileng kapa sebaka seo motho a phelang ho sona
Ntlafatso: ho eketsa boleng kapa ho phahamisa khwalithi
Moralo wa tshebetso: Sebopeho sa tshehetso ya tshebetso
Bong: boemo bo kgethellong hore motho o motona kapa o motshehadi
Dijini: bana ba futsa makgetholli a itseng ho batswadi kapa DNA ka ho qoholleha
Ka phethahalo: ho sebetsana le ho kula ha motho ka mokgwa o phethahetseng.
Lefutso: ho fumana boleng kapa makgetholli ho motswadi wa hao
Kgokahano: ho sebedisana kapa ho hokahana kapa ho kgomarelana
Ho kopanngwa: ho bopa ntho e le nngwe
Tharollo: mohato wa ho tlisa ntlafatso kapa ho laola boemo bo itseng
Mahlale a bophelo a boiphediso: mahlale a etsang hore motho a tsebe ho sebetsana le bophelo ka matsatsi ohle
Mehopolo ya bohle: mehopolo eo batho ba bangata ba dumellanang ka yona
Mokgwa: tsela ya ho etsa dintho
Tlhokomelo: ho beha dintho leihlo ka morero wa ho di laola
Ho se natse: ho hloleha ho fana ka tlhokomelo kapa ho tsotella ntho e itseng
Sephetho: sepheo se qaqisitsweng hantle se lokelang ho fihlellwa
Bontate:: Ntate kapa ngwana e moholo wa moshanyana ka lapeng ke yena hlooho kapa ke yena ya laolang dintho.
Ho ba le seabo: ho ba le kabelo nthong e itseng kapa ho kena morerong o itseng.
Tsebo e hlwahlwa: ho ba le bokgoni kapa tsebo ya dintho
Thaka: motho ya dilemong tse lekanang le tsa hao/boemo kapa tsebo e lekanang
Pharela: boemo bo ka o tlisetsang bothata kapa tsietsi
Sekgobo: letshwao la tlotlollo kapa le tlisang dihlong
Ho tadima nqa e le nngwe feela: mohopolo o hlalosang motho ya seng tjhitja
Tlhweko: ho hlatswa ka morero wa ho fedisa dikokwana tsa mahloko
Phedisano: ho tswakana le batho ba bang kapa tsebo ya ho phela le batho ba bang
Boemo ba nakwana: boemo bo fetohang ho tloha ho bo bong ho ya ho bo bong
Tsa sekgalekgale: ho latela tsela ya kgale le neheletsano ya mekgwa le ditlwaelo tse tswang molokong o mong ho leba ho o latelang
Dikgoka: Tshebediso ya matla ka morero wa ho utlwisa e mong bohloko, ho senya kapa ho bolaya
Pepeseho: ho ba boemong ba ho ka utlwiswa bohloko kapa ho hlaselwa
Bophelo bo Botle: boemo ba bophelo ba boiketlo, bo botle kapa ho thaba
Basadi: batho ba baholo ba batshehadi
Motjha: nako e pakeng tsa bongwana le boholo
DIKGUTSUFATSO
Tlatsa lenaneo le latelang bakeng sa mehlodi ya setjhaba mme o le boloke haufinyane.
O mang?
Lebitso: ??????????????????????????????.
Nomoro ya mohala ya mosebetsing: ???????????????????.
Nomoro ya mohala ya lapeng:??????????????????????
Ngaka ya lelapa:???????????????????????????.
Tse ding: mohlala, dialeji:???????????????????????..
Nomoro ya mohala:??????????????????????????.
Mooki ya ikarabellang:?????????????????????????
Lebitso:???????????????????????????????
Nomoro ya mohala:??????????????????????????.
Tshireletso le ba Molao:????????????????????????...
Sepolesa:??????????????????????????????..
Nomoro ya Founu:??????????????????????????...
Lekala la Tshireletso ya Bana:??????????????????????.
Nomoro ya mohala:??????????????????????????.
Kereke:???????????????????????????????.
Motjha:???????????????????????????????.
DINOMORO TSA BOHLOKWA
O koptjwa ho tadima ditsha tsa mehlodi ya bohlokwa sebakeng sa heno
Nomoro ya founu ya Laeborari:???????????..
Nomoro ya Setsha sa Batjha se Haufi?????????..
Nomoro ya Bolaodi ba selehae????????????
Nomoro ya Thuso ya AIDS????????????...0800 012 322
Projeke ya molao ya AIDS ???????????.011 403 6918/25
Mokgatlo wa Masofe wa Afrika Borwa?????.???011 838 6529
Nomoro ya thuso ya Bana?????????????..0800 055 555
Batho ba Holofetseng ba Afrika Borwa????????.011 333 4505
Mohala wa Dikgoka tsa Malapeng le Tlhekefetso????.0800 150 150
Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba
Nomoro ya mohala o sa lefellweng??????????0800 220 250
Mokgatlo wa Ditholo wa Afrika Borwa (DEAFSA):???..011 482 1610
Mokgatlo wa Ditaba tsa Malapa (FAMSA)???????011 975 7106/7
Khomishene ya Naha ya Batjha?..??????????012 325 3702
SANCA???????????????????...011 482 1070
Lekgotla la Naha la Difofu la Afrika Borwa ?????...012 346 1171
Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa?..?011483 8300
Lefapha la Bophelo bo Botle: Bophelo bo Botle ba batjha???????????????..?..012 312 0199
Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba??????????..021 312 7500
